Browse Results

Showing 51 through 75 of 107 results

Sesotho Puo ya Lapeng Kereite ya 12 Buka ya moithuti: UBC Uncontracted

by R. R Mokolopo N. Seane P. M. Thinane

Kereite ya 12, ke kgato ya bohlokwa ka ho fetisisa tlasa mabaka a mangata. Le leng la ona ke hobane haufinyane o tla be o kena lefatsheng la mosebetsi kapa o ntshetsa pele thuto ya hao. Ho tseba Puo ya Lapeng hantle, ho tla o thusa haholo ntshetsopeleng ya hao. O tla utlwisisa dintho ka ho feletseng le ho kena dipuisanong ka sebete. O tla kgona ho bua ka mehopolo ya hao ka bokgeleke, ho ikgokahanya le batho ba bang, ho iketsetsa menyetla le ho imatlafatsa bakeng sa menyetla ya mosebetsi. Hape, ho bohlokwa ho hopola hore ntho e kgolo e etsang hore Aforika Borwa e be naha e hlaheletseng ka mahetla le e ikgethang, ke hobane e na le dipuo le ditso tse ngata tse fapaneng – tsena kaofela di bohlokwa ho lekana ho hlalosa seo setjhaba sa rona se leng sona. Bokgoni ba hao ba ho itlhalosa hantle, bo etsa hore o fetohe moemedi wa puo le setso sa heno, mme buka ena e na le ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang, e le hore o ntlafatse tsebo ya hao dikarolong tsohle tse hlokahalang. Lefatshe le ahlame. Etsa hore lentswe la hao le utlwahale!

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 12 Buka ya moithuti: UBC Contracted

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 9 Buka ya Moithuti: UBC Contracted

by T. P. Kumeke M. R. Mahlasela G. D. Pheto K. E. Zengele

Thutong e nngwe le e nngwe eo o ithutang yona sekolong, ka mehla ho na le monyetla wa ho eketsa tsebo le ho ntlafatsa bokgoni ba boitsebelo ba hao. Buka ena e tla o thusa ho ntshetsa pele bokgoni ba boitsebelo ba puo ho Puo ya hao ya Lapeng. E tla o thusa ho ipopela ka tsela eo o batlang ka yona, le ho kopana le batho ba bangatanyana mme o iketsetse menyetla e metjha. O ka nna wa rata le ho fumana mosebetsi o kgothatsang jwaloka mohlahisi wa ditaba, mongodi kapa sebini – mesebetsi ena yohle e itheha ka tshebediso e hlwahlwa ya puo. Leha eba ha o jwalo, o tla nne o fumane hore ho tseba puo ya heno hantle ho tla o thusa haholo ka tsela efe kapa efe eo o e kgethang. Ananela boiteko bo botjha. Moithuti ya ratehang Buka ya Kereite ya 9 thutong ena ke e sehlohlolong ka ho fetisisa! Mawa a ka etsang hore selemo sena se be setle ke ana: Hopola! Thuto ya sebele e qala ka sehlopheng ka mehla! • Mamela mme o tsepamise kelello. • Boha mme o etse mahopotsane. • Boha ka tsela e hlokolosi o qwaile hore ho etsahalang. • Ngola mahopotsane hore a tle a o thuse ka nako eo o batlang ho ikgopotsa ho hong. • Botsa dipotso ho sesetsa kutlwisiso. Mekgwa ya ho bala: • Behella nako ya hora ka thoko bakeng sa ho bala mantsiboya beke le beke ho tlatselletsa ho ena ya ho etsa mosebetsi wa hae. • Etsa geto hore boholo ba nako ya ho bala e ka ba neng. Mohlala: hoseng ka matjeke kapa mantsiboya. • Se suthe lenaneng leo o ipehetseng lona le tsamaisang nako ya hao. • Nako ya ho bala e tla pele hobane ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwahadi bophelong ba hao. • Balla sebakeng se se nang lerata. O ka ya sekolong tlelaseng kapa laeboraring e haufi motseng wa heno. • Kgetha ho bala le moithuti e mong ya hlwahlwa mosebetsing wa sekolo. Mekgwa e 7 ya bohlokwahadi e ka latelwang bakeng sa katleho: 1 Etsa mosebetsi wa hae ka mehla. 2 Se salle morao ka mosebetsi. 3 Bala tsatsi le leng le le leng. 4 Ja dijo tse matlafatsang mme o robale dihora tse 8 bonyane. 5 Etsa bonnete ba hore o a utlwisisa ha ho rutwa. 6 Se behelle mosebetsi thoko, o etse hona jwale! 7 Kgothala o se lahle tshepo! Ho ithuta ho ba bobebe le ho potlaka ha o bala ka mehla. Mahlohonolo!

Bana ba kerese

by Southern African Folktale — Maria Vaz

Sesotho — First paragraphs

Ditshwene tse ileng tsa hasahana

by Southern African Folktale TRANSLATED BY Maria Vaz

Sesotho ( South Africa) – First Paragraphs

Ke rata ho bala

by Letta Machoga – TRANSLATED BY Tseliso Masolane

Sesotho (South Africa) – First words

Kgomo eso Pendo

by Ruth Odondi — Translated by Tseliso Masolane

Sesotho — First words

Kotlo

by Adelheid Marie Bwire TRANSLATED BY Adelheid Marie Bwire

Sesotho – First sentences

Mamela mmele wa ka

by Noni Translated by Maria Vaz

Sesotho (South Africa) — First sentences

Mosuwetsana wa ka

by Zimbili Dlamini and Hlengiwe Zondi Translated by Tseliso Masolane

Sesotho — First words

Motoho

by Zimbili Dlamini and Hlengiwe Zondi — Translated by Tseliso Masolane

Sesotho — First words

Re Bapala Bolo

by Letta Machoga – TRANSLATED BY Mirriam Mbelu

Sesotho (South Africa) – First words

Zama o etsa hantle

by Michael Oguttu TRANSLATED BY Maria Vaz

Sesotho (South Africa) – First sentences

Baesekele Ya Namukuru

by Munanga ASB teacher — Translated by Tseliso Masolane

Sesetho (South African ) First paragraphs

Bese ya mmala wa botala ba lehodimo

by Mecelin Kakoro – Translated by Tseliso Masolane

Sesotho (South Africa) First paragraphs

Bolo eaka e khubelu

by Marion Drew

Sesotho (Lesotho) – First words

Diphetoho: UBC Contracted

by Matlotlwane P. Mokhele

BoTakalatsa, ba fumaneng thupello ya sepolesa mehleng ya kgethollo, ba iphumana ba sebetsa mehleng ya demokrasi. Banna bana ba kgahlanong le diphetoho tse tliswang ke mmuso o motjha. Mookamedi wa bona o ba qobella ho amohela diphetoho le ho ikamahanya le melao e metjha. Ho banna bana ho laelwa ke mookamedi wa mosadi ke nyediso. Se senyang ditaba ke ha banna bana ba lokela ho ikobela molao leha ba hlekefetswa. Qetellong ho hlahella hore ya ba hlekefetsang, Naledi, le bona ba kile ba mo hlekefetsa mehleng ya kgatello. Weso, ha e nye boloko kaofela. Ipalle!

Diphetoho: UBC Uncontracted

Lekgapetla la Panana: UBC Uncontracted

by Jim Mokoena

Lekgapetla la Panana Ngaka e fa Lesibu le Mmalehola sephetho sa bongaka sa hore Mmalehola a ke ke a bolokeha ha a ka beleha ngwana e mong hape ka mora ho beleha letsibolo la bona, Tswalano. Seo se baka kgatello hoo Lesibu o iphang monyetla wa ho hlekefetsa ngwana wa bona ka motabo ha Mmalehola a nka hore o ntse a mo thusa ho hlokomela ngwana eo wa bona. Lesibu o ipheta ka ho hlekefetsa moradi wa hae ka motabo mme Tswalano o ima ngwana wa pele e leng Onkentse. E se e le neng ho ba le ngwana wa bobedi ya ileng a rehwa lebitso la Pikoko. Qetellong Lesibu o a tshwarwa ka qoso ya ho hlekefetsa moradi wa hae ka motabo. Setjhaba sa ema ka maoto kgahlano le yena.

Lekgapetla la Panana: UBC Contracted

Malefane: UBC Contracted

by Np Maake

Malefane ke tshwantshiso e buang ka tlhekefetso le meharo. Malefane o ne a tseba seo a se batlang bophelong, mme o ne a sa dumelle eng kapa eng ho mo kgelosa le ho mo sitisa ho fihlella toro ya hae.

Malefane: UBC Uncontracted

by Np Maake

Malefane ke tshwantshiso e buang ka tlhekefetso le meharo. Malefane o ne a tseba seo a se batlang bophelong, mme o ne a sa dumelle eng kapa eng ho mo kgelosa le ho mo sitisa ho fihlella toro ya hae.

Melodi ya Thothokiso

by Djm Ngcangca

Melodi ya Thothokiso ke pokeletso e ntjha e thabisang e ngotsweng ke dithothokisi tse tswang naheng ka bophara, tse bontshang dinako tse fapaneng tsa bophelo le ditaele. Dithothokiso tsena di kgethilwe ke Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa ho balwa Kereiting ya 12, mme di fihlelletse ditlhoko tsohle tsa Setatamente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso tse hlokwang bakeng sa Ditlhahlobo tsa Kereiti ya 12 tsa Sesotho Puo ya Lapeng. Melodi ya Thothokiso e na le matshwao ana a motheo a latelang: • selelekela se fanang ka boitshetleho ba dithothokiso tse pokellong bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa le ho natefelwa ke dithothokiso. • bayokerafi/ngolophelo e kgutshwanyane ya sethothokisi ka seng, e nehelanang ka tlhahisoleseding e mabapi le tsa bophelo ba sethothokisi le tshebetso. • dinoutso tse mabapi le dikahare tsa dithothokiso tse fanang ka tlhahisoleseding ya motheo ho tse ding tsa dithothokiso, thuso bakeng sa kutlwisiso le manollo ya dithothokiso tse thata, le mehopolo e ahang bakeng sa mesebetsi ya ka phaposing ya moithuti ha a sebetsa a le mong kapa a sebetsa le moithutimmoho kapa ba sebetsa ka dihlopha. • tlotlontswe ya makgetha a thothokiso a bonono e fumanehang qetellong ya thothokiso, e fanang ka tlhaloso ya makgetha a bonono bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa dithothokiso tse pokellong ena. • dipotso tse ngotsweng ka setaele sa ditlhahlobo tsa dithothokiso hore o tle o ikwetlise bakeng sa ditlhahlobo tsa makgaolakgang; ho nehelanwe ka dikarabo tse kgothaletswang hore o tle o kgone ho itekola le ho lekola tswelopele ya hao. • ditshitsinyo bakeng tsa ho bala ho ekeditsweng – hang ha o se o badile Melodi ya thothokiso ena, re na le bonnete ba hore o tla batla ho bala haholwanyane ka bangodi ba dithothokiso tsena le mesebetsi ya bona e meng.

Metswalle

by Zimbili Dlamini and Hlengiwe Zondi – TRANSLATED BY Tseliso Masolane

Sesotho (South Africa) – First words

Mohaladitwe wa Dithota: UBC Uncontracted

by Ma Maina

Mohaladitwe wa dithota ke pale e buang ka ho sebetsa ka thata, ka lerato, mona kapa lefufa, ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng le ka bohlokwa ba metswalle. Padi ena e kgethilwe ke Lefapha la Thuto ya Motheo bakeng sa ho balwa Kereiting ya 10, mme e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso tse hlokwang bakeng sa Ditlhahlobo tsa Kereiti ya 10 tsa Sesotho Puo ya Lapeng. Mohaladitwe wa dithota e na le matshwao ana a motheo a latelang: • selelekela se fanang ka boitshetleho ba pale bakeng sa ho o thusa ho utlwisisa le ho natefelwa ke pale ya padi ena • bayokerafi/ngolophelo ya mongodi, M.A Maina, e nehelanang ka tlhahisoleseding e mabapi le tsa bophelo ba hae le tshebetso • dinoutso tse mabapi le dikahare tsa pale tse fanang ka tlhahisoleseding ya motheo, thuso bakeng sa kutlwisiso le manollo ya pale, le mehopolo e ahang bakeng sa mesebetsi ya ka phaposing ya moithuti ha a sebetsa a le mong kapa a sebetsa le moithutimmoho kapa ba sebetsa ka dihlopha • tlotlontswe e fumanehang qetellong ya buka, e fanang ka tlhaloso ya mantswe a thata • dipotso tse ngotsweng ka setaele sa ditlhahlobo tsa padi hore o tle o ikwetlise bakeng sa ditlhahlobo tsa makgaolakgang; ho nehelanwe ka dikarabo tse kgothaletsang hore o tle o kgone ho itekola le ho lekola tswelopele ya hao • ditshitsinyo bakeng sa ho bala ho ekeditsweng – hang ha o se o badile pale ena, re na le bonnete ba hore o tla batla ho bala haholwanyane ka mongodi le mesebetsi ya hae e meng.

Refine Search

Showing 51 through 75 of 107 results