Browse Results

Showing 76 through 100 of 106 results

Pelong ya lerato: UBC Uncontracted

by Teboho Letshaba

Ditlamorao tsa ho hloka botshepehi hara banyalani di bosula e le ka nnete. Paleng ena re bona ka moo Thabang a hlanohelang dikano tsa hae tsa lenyalo nakong eo ho neng ho lebelletswe tse ngata ho tswa ho yena. O iphumana a ikentse tshotso dinaleng ka ho roba nyatsi ya hae lengole le hoja pejana motswalle wa hae Molefi a ile a leka ka thata ho mo hlaba malotsana. Mofumahadi wa hae wa lemo tse pedi, Sebolelo, o fetoha lehlatsipa la masisapelo ana nakong eo a neng a leka ho busetsa molamu sefateng ka yona. Hlaba kgobe ka lemao, mme o ipalle tshwantshiso ena hore o tle o ithuele tsebo e sa feleng.

Pinyane: UBC Contracted

by K.P.D. Maphalla

K.P.D. Maphalla ke sethothokisi se sefutho, se tswileng tjaro dithothokising tsa puo ya Sesotho, tsa kajeno. Hara dikgau tseo a seng a di hapile ka bothothokisi, re ka qoholla tse latelang. • Muhope wa Moiloa, 1985 • Mohope wa Mofolo, 1991 Maphalla o se a ngotse dibuka tse fetang 12 tsa dithothokiso. Ho bonahala eka dikgolo di sa tla hobane kajeno ke enwa o phetlela mohatla nku mashodu, o pepesa Pinyane. Re se re tla utlwa teng. Ke eo he, Pinyane.

Pinyane: UBC Uncontracted

Platinum Mmampodi Buka ya Moithuti 11: UBC contracted

by Npk Mohapi NJJ Gada MS Sekobolo Ps Mofokeng Djm Ngcangca Ra Sempe

• Makgonatsohle e latetseng CAPS, e ngotswe ke Bangodi ba hlwahlwa. • Makgonatsohle e nang le ditshwantsho le mesebetsi e ngolwang le e etswang, ho thusa hore baithuti ba be le kutlwisiso le bokgoni ba ho sebetsa ka bokgabane bo boholo dithutong tsa bona. • Makgonatsohle e tataisang titjhere, e mmolokelang nako le ho mo thusa hore a be le bokgoni ba ho ruta ha bobebe, hobane e na le mehlala ya mesebetsi e ka kopuwang. • Makgonatsohle e nang le boleng = katleho thutong le dihlahlobong. Your complete classroom Solution

Platinum Mmampodi Buka ya Moithuti 11: UBC uncontracted

Platinum Mmampodi Buka ya Moithuti 12: UBC contracted

by Np Mohapi Dmj Ngcangca Sm Sekobolo

• Makgonatsohle e latetseng CAPS, e ngotswe ke bangodi ba hlwahlwa. • Makgonatsohle e nang le ditshwantsho le mesebetsi e ngolwang le e etswang, ho thusa hore baithuti ba be le kutlwisiso le bokgoni ba ho sebetsa ka bokgabane bo boholo dithutong tsa bona. • Makgonatsohle e tataisang titjhere, e mmolokelang nako le ho mo thusa hore a be le bokgoni ba ho ruta ha bobebe, hobane e na le mehlala ya mesebetsi e ka kopuwang. • Makgonatsohle e nang le boleng = katleho thutong le dihlahlobong! Your complete classroom Solution

Platinum Mmampodi Buka ya Moithuti 12: UBC uncontracted

Pulamadiboho: UBC Contracted

by M. E. Mofokeng M. R. Morajane T. P. Lephuthing P. M. Thinane

Pulamadiboho ke pokello e fupereng mefuta e fapaneng ya dithothokiso, tse qotsitsweng dibukeng tsa dikonokono tsa dithothokisi tsa Basotho. Pokello ena e radilwe ka bokgoni le boqhetseke bo tswileng matsoho, ho nolofaletsa baithuti le matitjhere a kereti ya 12 mosebetsi. E radilwe ka sepheo sa ho neha baithuti thuto le tsebo tsa boemo bo hodimo. Baradi ba pokello ena ba entse mekutu yohle, ho etsa bonnete ba hore baithuti ba tla hodisa le ho leotsa bokgoni bo lebelletsweng ho bona sekolong ditsheng tsa thuto e phahameng le lefatsheng la mosebetsi ka kakaretso malebana le ho sekaseka kapa hona ho fatisisa dintho le ho di etsa hore di be le moelelo. Ka hare ho pokello ena dithothokiso di behilwe ka makgethe a tjena: thothokiso ka nngwe e latelwa ke selelekela se hlalosang mofuta wa thothokiso, ditaba tsa thothokiso tseo e leng kakaretso ya thothokiso le molaetsa/thuto ya thothokiso di hlahlame, mabalankwe a tshekatsheko/manollo ya thothokiso moo makgabane a hlahellang thothokisong ka nngwe a sekasekwang teng a nto latele. Ho feta moo, ho na le ditlhaloso tsa mantswe a ka bang le tshetiso e itseng ho mmadi ho utwisisa ditaba tsa thothokiso. Pheletsong ho teng mehlala ya mefuta e fapaneng ya dipotso le dikarabo tsa boemo bo hodimo, tse ka thusang baithuti hara selemo ho itokisetsa ditlhahlobo tsa makgaolakgang.

Pulamadiboho: UBC Uncontracted

Re bala dikatse,lefeela ho fihlela ho robong

by Nina Orange TRANSLATED BY Thelma Tshesane

Ssesotho ( South Africa) – First sentences

Re Bapala Bolo

by Letta Machoga – TRANSLATED BY Mirriam Mbelu

Sesotho (South Africa) – First words

Senqanqane se phonyoha lefu

by Selolo Nare Joyce TRANSLATED BY Nthabiseng Tsatsi

Sesotho ( South Africa) – First Paragraphs

Sentelele (Sesupatsela Ser.)

by K P D Maphalla

K P D Maphalla e mong wa bangodi ba ka sehloohong puong ya Sesotho kajeno, o qadile ho ngola thothokiso ka 1970, a sa le sekolong. O ne a ngolla mahlasedi dithothokiso, mme kgabareng a ngolla radio ditshwantshiso. O qadile ho ngola dibuka dilengwana di se kae ka mora moo, a se a ruta dipuo dikolong tse phahameng. O se a ngotse dibuka tse fetang mashome a mabedi a metso e mehlano (25). O ile a abelwa Mohope wa Moiloa ka 1985. A abelwa Kgau ya Mofolo ka 1991 le 1992. O abetswe meputso le dikgau tse ding tse ngata ka bongodi bona ba hae. Maphalla ke Sethothokisi, empa o se a kentse letsoho le tomanyana le mefuteng e meng ya dingolwa.

Serapa se kgethehileng

by Ursula Nafula and Nina Orange –Translated by Tseliso Masolane

Sesotho (South Africa) First paragraphs

Sesotho Puo ya Lapeng Kereite ya 12 Buka ya moithuti: UBC Uncontracted

by R. R Mokolopo N. Seane P. M. Thinane

Kereite ya 12, ke kgato ya bohlokwa ka ho fetisisa tlasa mabaka a mangata. Le leng la ona ke hobane haufinyane o tla be o kena lefatsheng la mosebetsi kapa o ntshetsa pele thuto ya hao. Ho tseba Puo ya Lapeng hantle, ho tla o thusa haholo ntshetsopeleng ya hao. O tla utlwisisa dintho ka ho feletseng le ho kena dipuisanong ka sebete. O tla kgona ho bua ka mehopolo ya hao ka bokgeleke, ho ikgokahanya le batho ba bang, ho iketsetsa menyetla le ho imatlafatsa bakeng sa menyetla ya mosebetsi. Hape, ho bohlokwa ho hopola hore ntho e kgolo e etsang hore Aforika Borwa e be naha e hlaheletseng ka mahetla le e ikgethang, ke hobane e na le dipuo le ditso tse ngata tse fapaneng – tsena kaofela di bohlokwa ho lekana ho hlalosa seo setjhaba sa rona se leng sona. Bokgoni ba hao ba ho itlhalosa hantle, bo etsa hore o fetohe moemedi wa puo le setso sa heno, mme buka ena e na le ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang, e le hore o ntlafatse tsebo ya hao dikarolong tsohle tse hlokahalang. Lefatshe le ahlame. Etsa hore lentswe la hao le utlwahale!

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 12 Buka ya moithuti: UBC Contracted

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 9 Buka ya Moithuti: UBC Contracted

by T. P. Kumeke M. R. Mahlasela G. D. Pheto K. E. Zengele

Thutong e nngwe le e nngwe eo o ithutang yona sekolong, ka mehla ho na le monyetla wa ho eketsa tsebo le ho ntlafatsa bokgoni ba boitsebelo ba hao. Buka ena e tla o thusa ho ntshetsa pele bokgoni ba boitsebelo ba puo ho Puo ya hao ya Lapeng. E tla o thusa ho ipopela ka tsela eo o batlang ka yona, le ho kopana le batho ba bangatanyana mme o iketsetse menyetla e metjha. O ka nna wa rata le ho fumana mosebetsi o kgothatsang jwaloka mohlahisi wa ditaba, mongodi kapa sebini – mesebetsi ena yohle e itheha ka tshebediso e hlwahlwa ya puo. Leha eba ha o jwalo, o tla nne o fumane hore ho tseba puo ya heno hantle ho tla o thusa haholo ka tsela efe kapa efe eo o e kgethang. Ananela boiteko bo botjha. Moithuti ya ratehang Buka ya Kereite ya 9 thutong ena ke e sehlohlolong ka ho fetisisa! Mawa a ka etsang hore selemo sena se be setle ke ana: Hopola! Thuto ya sebele e qala ka sehlopheng ka mehla! • Mamela mme o tsepamise kelello. • Boha mme o etse mahopotsane. • Boha ka tsela e hlokolosi o qwaile hore ho etsahalang. • Ngola mahopotsane hore a tle a o thuse ka nako eo o batlang ho ikgopotsa ho hong. • Botsa dipotso ho sesetsa kutlwisiso. Mekgwa ya ho bala: • Behella nako ya hora ka thoko bakeng sa ho bala mantsiboya beke le beke ho tlatselletsa ho ena ya ho etsa mosebetsi wa hae. • Etsa geto hore boholo ba nako ya ho bala e ka ba neng. Mohlala: hoseng ka matjeke kapa mantsiboya. • Se suthe lenaneng leo o ipehetseng lona le tsamaisang nako ya hao. • Nako ya ho bala e tla pele hobane ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwahadi bophelong ba hao. • Balla sebakeng se se nang lerata. O ka ya sekolong tlelaseng kapa laeboraring e haufi motseng wa heno. • Kgetha ho bala le moithuti e mong ya hlwahlwa mosebetsing wa sekolo. Mekgwa e 7 ya bohlokwahadi e ka latelwang bakeng sa katleho: 1 Etsa mosebetsi wa hae ka mehla. 2 Se salle morao ka mosebetsi. 3 Bala tsatsi le leng le le leng. 4 Ja dijo tse matlafatsang mme o robale dihora tse 8 bonyane. 5 Etsa bonnete ba hore o a utlwisisa ha ho rutwa. 6 Se behelle mosebetsi thoko, o etse hona jwale! 7 Kgothala o se lahle tshepo! Ho ithuta ho ba bobebe le ho potlaka ha o bala ka mehla. Mahlohonolo!

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 9 Buka ya Moithuti: UBC Uncontracted

Sethotsela Sa Qoqolosing (drama): UBC contracted

by R.J.R. Masiea

Dikonelo o ne a thetsa Leswetsa ka hore ke yena feela bophelong ba hae ho fihlela Leswetsa a fihlelwa ke koduwa ya ho welwa ke mokoti. Hoo ebile monyetla wa hore Dikonelo a nyalane le Mojalefa. Sa fihla sa ba ripitla thotsela sa Qoqolosing. Dikonelo deceived her husband by saying she loved only him until, one day, a tragedy happened when Leswetsa was involved in a mine accident.

Sethotsela Sa Qoqolosing (drama): UBC uncontracted

by R.J.R. Masiea

Dikonelo o ne a thetsa Leswetsa ka hore ke yena feela bophelong ba hae ho fihlela Leswetsa a fihlelwa ke koduwa ya ho welwa ke mokoti. Hoo ebile monyetla wa hore Dikonelo a nyalane le Mojalefa. Sa fihla sa ba ripitla thotsela sa Qoqolosing. Dikonelo deceived her husband by saying she loved only him until, one day, a tragedy happened when Leswetsa was involved in a mine accident.

Steve o e nepile le Batho ba etsa mesebetsi e makatsang

by Margaret Koopedi and Linda Michell

Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 6

Tahleho Le Thaba E Halalelang (novel): UBC Uncontracted

by R.J.R. Masiea

Buka ena e pheta ka ditaba tsa setjhaba sa Masai. Batho bana ke baleleri. Ke batho ba phelang ka leruo la dikgomo tse tlamehang ho fula makgulong a le mang ka nako e le nngwe. Ha se batho ba bang le marena ntle le ho baetapele. Ba phela ka ho tsoma.

Tahleho Le Thaba E Halalelang (novel): UBC Contracted

by R.J.R. Masiea

Buka ena e pheta ka ditaba tsa setjhaba sa Masai. Batho bana ke baleleri. Ke batho ba phelang ka leruo la dikgomo tse tlamehang ho fula makgulong a le mang ka nako e le nngwe. Ha se batho ba bang le marena ntle le ho baetapele. Ba phela ka ho tsoma.

Tshimo e Congo

by Christelle X TRANSLATED BY Maria Vaz

Sesotho (South Africa) – First sentences

Tsiketsing sa qomatsi: UBC Contracted

by P. S. Maboya

Tsiketsing sa Qomatsi ke buka ya terama e re phetelang ka sebaka se bitswang Tsiketsing sa qomatsi moo batho ba phelang teng ba etsang sebe ka lerato. E re phetela ka ngwanana ya ileng a tloha lapeng la hae kamora ho lahlehelwa ke batswadi le ba habo kaofela. O ile a ya moo a neng a nahana hore o tla fumana phomolo le kgutso teng. Ka bomadimabe ha ho a ka ha ba jwalo. Dintho di ile tsa mpafela le ho feta. Maemo a motseng ona o motjha (Tsiketsing sa Qomatsi) a ne a le mabe ho feta a moo a tswang teng. O ile a etsa qeto ya ho kgutlela morao empa pele a etsa seo o ile a kgalemela batho ba moo ka thata mabapi le boitshwaro ba bona bo bobe. O ile a hla a ba tswepela mahlo mme ba ile ba itshwabela yaba ba kopa tshwarelo ka boitshwaro boo bo hlephileng.

Refine Search

Showing 76 through 100 of 106 results